Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 3:38 - BIBELE

38 Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Morena a boela a re ho bahlanka ba hae: Na ha le tsebe hobane kajeno ho wele morena, motho e moholo Iseraeleng na?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:38
7 Referencias Cruzadas  

Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Abinere a roma maqosa ho Davida, a re: “Naha ee ke ya mang?” A boela a re: “Bona mona, a re etse selekane le wena, mme ke tla o thusa hore Baiseraele bohle ba o sale morao.”


Jwale setjhaba sohle, le Baiseraele bohle ba tseba mohla letsatsi leo hore hase kgosi e bolaileng Abinere, mora wa Nere.


Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.”


Hase ba baholo feela ba nang le bohlale, kapa maqheku feela a utlwisisang ho lokileng.


Davida a re ho Abinere: “Na o mohale? Ke mang ya kang wena moo naheng ee ya Iseraele? Jwale ke ka baka lang o sa sireletsang monga hao, e leng kgosi? Motho o sa tswa tloha mono diahelong tsa lona, a ilo bolaya kgosi, e leng monga hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos