Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:25 - BIBELE

25 Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:25
16 Referencias Cruzadas  

Josefa a boela a re ho bona: “Tjhe, le tlilo lekola bofokodi ba naha.”


Romelang e mong wa lona, a yo lata moena lona; lona le tla sala tjhankaneng, ho tle ho bonahale bonnete ba mantswe a lona; ho seng jwalo, ke hlapanya ka Faro ya phelang, ruri le dihlwela.”


Josefa a hopola ditoro tseo a kileng a di lora ka bona, mme a re ho bona: “Le dihlwela tse tlilo lekola bofokodi ba naha eo le e etetseng.”


mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?


Ha Joabe a etswa ka ho Davida a roma maqosa ho sala Abinere morao, mme maqosa ao a mo kgutlisa ha a le sedibeng sa Sira, empa Davida o ne a sa tsebe.


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!


Morena o tla o lebela ha o eya le ha o kgutla, ho tloha jwale le kamehla yohle.


“Feela ke tseba leaho la hao, ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao.


ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”


Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”


Bafarisi ba ba botsa, ba re: “Na le lona le kgelositswe?


Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.


“O tla hlohonolofatswa ha o kena, o hlohonolofatswe ha o etswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos