2 Samuele 23:5 - BIBELE5 “Modimo o tiisitse lelapa la ka, selekane sa rona le yena ke sa mehla yohle, dipallo tsa sona di hlakile, di a tshepeha, ke yena ya mpholosang, o atlehisa takatso tsa ka. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna! Ver Capítulo |
Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.