Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 23:19 - BIBELE

19 A tuma ho feta bahlabani ba mashome a mararo, ya eba molaodi wa bona. Empa a se ke a tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ho ba bararo, ya eba yena ya roriswang; ya eba monga bona ke hona, a mpa a sa fihle ho ba bararo ba pele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:19
9 Referencias Cruzadas  

Balaodi ba bararo, ba baokamedi ba ba mashome a mararo, ba theohela ho Davida ka nako ya kotulo, a le lehaheng la Adulame. Lebotho la Bafilesita le ne le hlomme ka kgohlong ya Refaime.


Bahale ba bararo ba phunyeletsa mabotho a Bafilesita, ba ya kga metsi sedibeng sa Betlelehema se pela kgoro ya motse. Ba ekga metsi ao, ba a isa ho Davida. Empa Davida a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe e le nyehelo ho Morena,


Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.


Benaya, mora wa Jehoyada, ya neng ya etswa Kabeseele, e ne e le monna ya tumileng ka diketso tsa bokwankwetla. A bolaya banna ba babedi ba Moabe, ba bohale jwaloka tau. A ba a bolaya le tau e neng e le ka lemeneng, mohla lehlwa le neng le kgethehile.


O ne a hlahlangwa ke Eleasare, mora wa Dodo, wa morabe wa Ahohi, e mong wa bahale ba bararo ba Davida. O ne a ena le Davida mohla Bafilesita ba neng ba futuhile, mme Baiseraele ba ba baleha.


O ne a tumile ho feta ba mashome a mararo, empa a sa tuma jwaloka balaodi ba bararo ba pele. Davida a mo etsa mookamedi wa balebedi ba hae.


Peo e jetsweng mobung o motle ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisise. Enwa ke yena ya behang tse lekgolo, kapa tse mashome a tsheletseng, kapa tse mashome a mararo.”


Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.


Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos