Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 23:17 - BIBELE

17 a re: “Morena nthuse ke se ke ka a nwa! Ho a nwa e tla be e le ho nwa madi a banna ba ileng ba ipea kotsing.” Ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 a re: Oho Jehova, a nke ke se ke ka etsa hoo; ha ke re, ke madi a banna bao ba ileng, ba tedile ho phela ha bona? Kahoo, a hana ho a nwa. Hoo ha etswa ke bahale bao ba bararo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:17
14 Referencias Cruzadas  

Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.”


“Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.


Joabe a araba, a re: “Le ho ka! Nke ke ka leka ho o ripitla, kapa ho o timetsa.


Empa Nabote a re ho Akabe: “Morena a mpe a nthuse, ke se ke ka o nea lefa la bo-ntate.”


a re: “Modimo wa ka a nthuse ke se ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi a banna bao ba ileng ba ipea kotsing?” Ba ne ba ile ba ipea kotsing ka ho ya kga metsi, ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.


O tla ba lopolla a be lopolle ho ba mamenemene, a ba lopolle le ho ba sehloho, madi a bona e tla ba a bohlokwa, e be a bohlokwa mahlong a hae.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.


A re ho bona: “Hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata.


Rona ke ka baka lang re leng kotsing ka nako tsohle?


Morabe wa Sebulone o ipeile kotsing ya lefu, le wa Nafthali o entse jwalo o le hodima dithaba.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos