30 Ka thuso ya hae ke thula dira tsa ka, ka thuso ya Modimo wa ka nka tlola lerako.
30 Ka wena, nka itihela hodima lekgotla la dira; ka Modimo wa ka, nka tlola lerako.
“Tsela tsa Modimo di phethehile, tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete, yena ke thebe ya bohle ba tshabelang ho yena.
Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.”
Morena, ke wena lebone la ka, Modimo wa ka o bonesa lefifi la ka.
Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.