Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 22:21 - BIBELE

21 “Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, o mpuseleditse ho ya ka ho hloka molato ha ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 22:21
13 Referencias Cruzadas  

Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, hobane o a bona hore ke hlwekile.


Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng.


o utlwe o le lehodimong, mme o ahlolele bahlanka ba hao; o tswe ya kgopo, o mo jarise molato wa hae; o lokolle ya se nang molato, o mo ahlolele ho ya ka ho hloka molato ha hae.


ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.”


Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona.


Ke ya matsoho a hlokang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa lakatseng mafeela, ya sa hlapanyetseng leshano.


Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele.


Ya lokileng o tla fumana moputso a sa phela, ya kgopo le moetsadibe le bona ba tla putswa.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos