A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”
Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.
“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.