Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 21:12 - BIBELE

12 Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ha ho le jwalo, Davida a lata masapo a Saule, le masapo a Jonathane mora hae, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a tlositse lepatlelong la Bethe-Shane, moo Bafilesta ba neng ba a fanyehile, mohla Bafilesta ba bolayang Saule Gilboa.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:12
15 Referencias Cruzadas  

“Lona, thaba tsa Gileboa, le se lalwe ke phoka, la nelwa ke pula; masimo a lona a fetohe matswatlare, hoba thebe tsa dinatla di silafaditswe, thebe ya Saule ha e sa tla tlotswa, ya tlotswa ka ole!


Yaba mohlankana ya mmehelang ditaba o re: “Ke ile ka wela Saule hodima thaba ya Gileboa a itshetlehile ka lerumo la hae, mme ka bona dikariki tsa ntwa le bahlabani ba dipere ba mo peteditse habohloko.


Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”


Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule,


Davida a nyoloha moo a nkile masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule; ba ba ba bokella le masapo a ba ileng ba fanyehwa.


Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Iseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.


banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.


Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.


Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.


Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos