Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 21:10 - BIBELE

10 Jwale Risepa, moradi wa Aya, a nka mokotla, a ikalla wona hodima lefika, ho tloha qalong ya kotulo, ho fihlela ha dipula di ena. Motsheare a tshosa dinonyana tse fofang hore di se ke tsa dula hodima ditopo tseo, mme bosiu a leleka dibatana tsa naha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Ritspa, moradi wa Aja, o nka lesela le mahwashe, a ikalla lona hodima lefika, haesale ho qalwa ho kotulwa, ho isa ha metsi a lehodimo a nela ditopo tsa bona, a se ke a dumella dinonyana tsa lehodimo ho tla dula hodima tsona motshehare, leha e le dibatana tsa naha bosiu.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:10
19 Referencias Cruzadas  

Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”


Ha Davida a bolellwa se entsweng ke Risepa, moradi wa Aya, mosadi wa lefielo wa Saule,


Saule o ne a ena le mosadi wa lefielo eo lebitso la hae e neng e le Risepa, moradi wa Aya. Yaba Ishe-Boshete o re ho Abinere: “Ke ka baka lang ha o robala le mosadi wa lefielo wa ntate?”


Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.


A re lekeng ho tseba Morena, re ikitlaeletseng ho mo tseba. Ho tla ha hae ke ha nnete, ha nnete ya ho tla ha mafube; o tla tla ho rona sa medupe ya pula, sa pula tse kolobisang, tse kolobisang mobu selemo.”


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Lona bana ba Sione, thabang, le thabele Morena Modimo wa lona; o le neseditse dipula hobane a lokile, a le nesetsa pula tsa ditlwebelele, pula tsa selemo le tsa hwetla jwaloka pele.


Kopang Morena ho le fa pula, selemo, kaha ho fehla maru a pula o a ho tseba. O nesetsa batho pula ya ditlwebelele, a e nesetse bohle, le dijalo hara masimo.


ke tla nesetsa naha ya lona pula ka nako ya yona, e leng dipula tsa selemo, le dipula tsa hwetla, hore le tle le kotule koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona.


O tla hlobola diaparo tseo a thopilweng a di apere, a dule ka tlung ya hao kgwedi e tletseng a ntse a llela ntatae le mmae. Kamora moo o tla kena dikobong tsa hae, o ba monna wa hae, yena e be mosadi wa hao.


“Ha monna a lokelwa ke lefu ka baka la molato wa hae, mme a bolawa, setopo sa hae se leketliswe sefateng;


setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”


a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”


Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos