Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:12 - BIBELE

12 Amasa yena a sala a rapaletse kahara letsha la madi a hae, kahara mmila o moholo. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme tlekelele! a tlosa setopo sa Amasa ka mmileng o moholo, a se hulanyetsa kathoko ho tsela. Ha a bona hore batho bohle ba fihlang moo ba ema tlekelele! Yaba o se kwahela ka kobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Amasa o ne a phethohaka mading a hae, mmileng o moholo. Monna eo ha a bona hobane setjhaba sohle se ema teng, a tlosa Amasa mmileng, a mo lahlela thoko naheng, a akgela kobo hodima hae, kahobane a ne a bona hobane bohle ba tla teng, le ho ema teng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:12
7 Referencias Cruzadas  

Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.


Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!


E mong wa bahlabani ba Joabe a ema pela Amasa, mme a re: “Mang le mang ya latelang Joabe le Davida a fetele ka ho Joabe!”


Hoba setopo sa Amasa se tloswe mmileng, batho bohle ba latela Joabe, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos