Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:11 - BIBELE

11 E mong wa bahlabani ba Joabe a ema pela Amasa, mme a re: “Mang le mang ya latelang Joabe le Davida a fetele ka ho Joabe!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:11
6 Referencias Cruzadas  

Amasa yena a sala a rapaletse kahara letsha la madi a hae, kahara mmila o moholo. Ha monna eo a bona hore batho bohle ba eme tlekelele! a tlosa setopo sa Amasa ka mmileng o moholo, a se hulanyetsa kathoko ho tsela. Ha a bona hore batho bohle ba fihlang moo ba ema tlekelele! Yaba o se kwahela ka kobo.


Hoba setopo sa Amasa se tloswe mmileng, batho bohle ba latela Joabe, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Ha ho jwalo. Monna ya tswang naheng e maralla ya Efraime, ya bitswang Sheba, mora wa Bikiri, o fetohetse kgosi, yena kgosi Davida. Neelana ka yena feela, mme ke tla tloha motseng ona.” Mosadi eo a re ho Joabe: “Ke tla o akgella hlooho ya monna eo le hodima lerako.”


Kgosi ya re ho Amasa: “Nkepele pitso ya banna ba morabe wa Juda, mme kamora matsatsi a mararo o be o le mona.”


Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos