Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:11 - BIBELE

11 Yaba kgosi Davida o romela molaetsa ho moprista Sadoke, le ho moprista Abiatare, o re: “Bolellang baholo ba Juda, le re: ‘Ke ka baka lang ha e le lona ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutlele tlung ya yona? Molaetsa wa Baiseraele bohle, o reng kgosi e kgutlele tlung ya yona, o se o fihlile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:11
11 Referencias Cruzadas  

Bo-Sadoke le Abiatare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, mme ba hlola hona teng.


Yaba Joabe o re: “O ntshenyetsa nako!” A nka marumo a mararo, a phehletsa Abosalome pelong ka wona, a ntse a phela, a leketlile sefateng sa eike.


Bahlankana ba leshome, bao e neng e le bajari ba dihlomo tsa Joabe, ba kopanela Abosalome, ba mo kgakgatha, ba mmolaya.


Abosalome eo re mo tlotseditseng ho ba kgosi ya rona, o bolailwe ntweng. Jwale ke ka baka lang, ha le sa re kgosi e kgutle?”


Jwale banna bohle ba Baiseraele ba tla ho kgosi, ba re ho yona: “Ke ka baka lang ha bana babo rona, e leng banna ba morabe wa Juda, ba ile ba nka kgosi ka lenyele, ba e tshedisa Jorodane, hammoho le ba lelapa la yona, le banna bohle ba Davida?”


Yaba kgosi e bea Benaya, mora wa Jehoyada, hore e be molaodi wa mabotho bakeng sa Joabe; ya bea le moprista Sadoke bakeng sa Abiatare.


Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”


Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.


Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos