Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”
Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”