Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 18:27 - BIBELE

27 Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Molebedi a eketsa a re: Ke batla ke re, ho matha ha wa pele ho tshwana le ho matha ha Akimaatse, mora Tsadoke. Morena a re: Ke motho ya molemo, o tlisa taba tse molemo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:27
7 Referencias Cruzadas  

Sebohodi sa boela sa bona monna e mong ya tlang a matha, yaba se howeletsa molebedi wa kgoro, se re: “Monna e mong hape ke yane a etla a matha a le mong!” Yaba kgosi e re: “Le yena o tlisa ditaba tse monate.”


Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.”


Sebohodi sa bua, sa re: “Le yena o fihlile ho bona, empa ha a bonahale ho kgutla. Kariki e qhojwa ka lekgarakgara le kang la ha ho qhoba Jehu, setloholo sa Nimeshi, hobane yena o qhoba jwaloka lehlanya.”


Jwaloka lehlwa le phodisang ka nako ya kotulo, leqosa le tshepahalang le jwalo ho ba-le-romi; le kgatholla pelo ya monga lona.


Taba tse monate tse tswang naheng e hole di ka metsi a phodileng mmetsong o nyorilweng.


A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”


Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos