Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 18:22 - BIBELE

22 Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.” Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:22
6 Referencias Cruzadas  

Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole.


Empa Ahimase a re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tla matha.” Joabe a re ho yena: “Matha!” Ahimase a takolotsa ka tsela e ka phuleng, a siya Mokushe eo.


Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”


Faro a re ho yena: “Ke eng eo o e hlokang, ha e le moo o batla ho kgutlela naheng ya heno?” Hadade a mo araba, a re: “Le letho! Feela, leha ho le jwalo, ntumelle ke tsamaye.”


Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.


Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos