Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 18:20 - BIBELE

20 Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:20
8 Referencias Cruzadas  

Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”


Yaba Joabe o re ho monna wa Kushe: “Tsamaya, o yo bolella kgosi seo o se boneng.” Mokushe eo a obamela Joabe, yaba o nka ka saole.


Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”


Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.


Joabe a bolellwa, ha thwe: “Hela, kgosi e ntse e lla, e hlomohetse Abosalome.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos