Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 17:17 - BIBELE

17 Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:17
8 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.


Ha ke re hona moo le na le bo-Sadoke le Abiatare? Ka baka leo, ntho efe kapa efe eo o utlwang e buuwa lapeng la kgosi, o e sebele baprista, bo-Sadoke le Abiatare.


Ba na le bara ba bona ba babedi hona moo, e leng Ahimase, mora wa Sadoke, le Jonathane, mora wa Abiatare, mme ntho efe kapa efe eo le e utlwang le tla ntsebisa yona ka bona.”


Yare a sa ntsane a bua, ha fihla Jonathane, mora wa moprista Abiatare. Adoniya a re ho yena: “Atamela kwano! Ke a tseba hoba o mohale, mme o re tliseditse ditaba tse monate.”


Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.


Moedi o nyolohe Debiri, ho tloha kgohlong ya Akore, ho ya leboya, o nto thinyetsa Gilegale e lebaneng le moepa wa Adumime e ka lehlakoreng le ka borwa la molatswana. Jwale o fetele metsing a Ene-Shemeshe, o yo fella Sedibeng sa Rogele.


Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos