Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 14:18 - BIBELE

18 Kgosi ya araba, ya re ho mosadi eo: “O se ke wa ba wa mpatela ntho efe kapa efe eo ke tla o botsa yona.” Mosadi a re: “Monga ka, kgosi, ha a ke a bue.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a araba, a re: O se ke wa mpatela taba leha e le nngwe eo ke tla o botsa yona. Mosadi a re: Bua, morena, monga ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:18
5 Referencias Cruzadas  

“Jwale lekgabunyane la hao le re: ‘Ke a o kopa: Lentswe la monga ka, kgosi, le ke le ntshedise. Monga ka, kgosi, o tseba ho hlalohanya bobe le botle, jwaloka lengeloi la Modimo. Morena Modimo wa hao, a ke a be le wena.’ ”


Kgosi ya re: “Na Joabe o teng morerong oo?” Mosadi a araba, a re: “Ke hlapanya ka monga ka, ka kgosi e phelang, ha ho kamoo nka latolang kateng seo monga ka, kgosi, a se buileng. Mohlanka wa hao Joabe o ile a ntaela, a re ke tle ke bue mantswe ana wohle.


Kgosi Sedekiya, a eme monyakong wa boraro wa ntlo ya kgosi, a laela hore a bitsetswe Jeremia. Kgosi ya re ho Jeremia: “Ho na le seo ke ratang ho o botsa sona; o mpolelle tsohle, o sa mpatele letho.”


Empa haeba mahosana a ka utlwela hore re ile ra buisana le wena, mme a re ho wena: ‘Re bolelle seo o neng o se bua le kgosi, o sa pate letho, re tle re se ke ra o bolaya; o re bolelle le seo kgosi e se buileng ho wena,’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos