Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 13:36 - BIBELE

36 Hoba a qete ho bua, bara ba kgosi ba fihla, mme ba bokolla haholo. Kgosi le yona, le bahlanka bohle ba yona, ba bokolla haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:36
5 Referencias Cruzadas  

Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ke ntho nngwe ee eo o e entseng? Ha ngwana a sa phela o ile wa itima dijo, wa lla, empa jwale ha ngwana a shwele o a phahama, mme o a ja.”


Jwale Amanone a mo hloya haholo, mme lehloyo la hae le ne le feta lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amanone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!”


Jonadabe a re ho kgosi: “Bona, bara ba kgosi ke bana ba fihla! Ho etsahetse feela jwalokaha mohlanka wa hao a boletse.”


Empa Abosalome a inea naha, a ya ho Talamai, mora wa Amihude, kgosi ya Geshure. Davida yena a llela mora wa hae ka dinako tsohle.


Kgosi ya sisimoloha moya haholo, yaba e nyolohela ka kamoreng e hahilweng hodima lerako la kgoro e kenang ka motseng, e ya llela teng. Ha e ntse e lla ya nna ya re: “Jo! ngwanaka Abosalome! Ngwanaka, ngwanaka Abosalome! Hoja ebe ho shwele nna bakeng sa hao! Jo! Abosalome, ngwanaka, ngwanaka!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos