Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 13:22 - BIBELE

22 Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:22
19 Referencias Cruzadas  

Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle.


Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”


Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: ‘Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.’


Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.


Ya patang lehloyo ke mothetsi, ya sebang ba bang, yena ke sethoto.


Ha o tsekisana le mohaeno buisana le yena, feela taba tsa e mong tsona e be pinyane,


Moikaketsi o ikgakanya ka polelo tsa hae, empa pelong ya hae o emere thetso.


Leha lehloyo la hae le ka ikgakanya ka thetso, bokgopo ba hae bo tla taloleha mahlong a bohle.


O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.


“Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.


Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.


Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale.


Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.


Re se ke ra tshwana le Kaine, eo e neng e le wa E Mobe, mme a bolaya ngwanabo. O ne a mmolaelang? Ke hobane diketso tsa hae di ne di le mpe, empa tsa ngwanabo di ne di lokile.


Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos