Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 13:20 - BIBELE

20 Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Absalome, kgaitsedi ya hae, o re ho yena: Na Amnone, kgaitsedi ya hao, o kile a ba le wena na? Oho, kgaitsedi ya ka, o ke o kgutse jwale, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa hlabeha ke taba eo pelong ya hao. Yaba Tamare o ya dula ha Absalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:20
7 Referencias Cruzadas  

Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.


Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo ha ba le Padane-Arame, hammoho le moradi wa hae Dina. Bara le baradi ba hae bohle ba bile mashome a mararo a metso e meraro.


Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.


Ha kgosi Davida a utlwela ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.


Yaba kgosi e re: “Ere Abosalome a ye tlung ha hae, feela a se ke a ba a mpona.” Kahoo Abosalome a ya tlung ha hae, mme a se ke a ba a bona kgosi.


Moikaketsi o ikgakanya ka polelo tsa hae, empa pelong ya hae o emere thetso.


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos