Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 13:19 - BIBELE

19 Tamare a nka molora, a itshela ka wona hloohong, a hahola seaparo sa hae se mebalabala, seo a neng a se apere, a itshwara hloohong, a tsamaya a ntse a bokolla haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:19
10 Referencias Cruzadas  

Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Davida o tshwara diaparo tsa hae, wa di tabola. Le banna bohle ba neng ba ena le yena ba etsa jwalo.


Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


Yaba Abosalome, kgaitsedi ya Tamare, o re ho yena: “Na kgaitsedi ya hao Amanone, o robetse le wena? Kgutsa hle, kgaitsedi! Amanone ke kgaitsedi ya hao ya lapa le leng. Lebala taba ena.” Ka mokgwa o jwalo, Tamare a dula tlung ya Abosalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile.


Ha Moredekai a tsebile tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itshela ka molora, a tsamaya hara motse, a ntse a bokolla haholo ka sello se bohloko.


Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona.


Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”


Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”


Joshua le baholo ba Iseraele ba hahola diaparo tsa bona, ba itihela fatshe ka difahleho, kapele ho areka ya Morena, ho fihlela ka phirimana. Ba itshela ka lerole dihloohong.


Monna wa Mobenjamine wa selahlamarungwana a baleha thekong ya ntwa, a ba a ya fihla Shilo ka lona letsatsi leo. Diaparo tsa hae di ne di tabohile, hlooho ya hae e tshetswe ka lerole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos