A rodisa kgosi ya motse oo mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e ka ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mehlano. O ne o kgabisitswe ka lehakwe la bohlokwa, mme Davida a ithwesa wona. Davida a tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata.
Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.