Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:26 - BIBELE

26 Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:26
9 Referencias Cruzadas  

Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di yeng di futuhe ka yona, Davida a roma Joabe, a ena le balaodi ba hae, le bahlabani bohle ba Baiseraele. Ba timetsa Baamone, ba thibella Raba. Empa Davida yena o ne a setse Jerusalema.


Davida a re ho leqosa: “O tle o re ho Joabe: ‘Ntho ena e se ke ya ba ya o tshwenya, hobane sabole e nne e etse tse tjena. Tiisang matla, le futuhele motse ono, le o ripitle.’ Wena o mo kgothatse jwalo.”


Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.


Yaba o roma maqosa ho Davida, o re: “Ke futuhetse motse wa Raba, ke hapile le didiba tsa wona.


Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.


Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka, Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso.


Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos