Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:24 - BIBELE

24 Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Davida a ntoo tshedisa Bathe-Sheba, mosadi wa hae, a ya ho yena, a robala le yena; a boela a tswala moshemane, mme Davida a mo rea lebitso la Salomone. A ratwa ke Jehova,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:24
13 Referencias Cruzadas  

Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.


Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tswallwa ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,


Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Empa a se ke a mema moporofeta Nathane, le Benaya, le bahlabani, le Solomone, ngwanabo.


Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe?


Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo.


Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


Ha ke ne ke le ngwana ya ratwang ke ntatae, ngwana ya mong feela, sebokotswa-ke-mmae,


Jese a tswala kgosi Davida. Davida a tswala Solomone ka mohatsa Uriya,


“Ho Benjamine a re: “ ‘Moratuwa wa Morena o tla dula ka kgotso pela hae, Radiphahama o mo sireletsa letsatsi lohle, o dula tlasa tshireletso ya hae.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos