Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 3:2 - BIBELE

2 A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka ntatae, leha e le jwaloka mmae; hobane a heletsa ditshwantsho tsa Baale, tse entsweng ke ntatae.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 3:2
14 Referencias Cruzadas  

E ne e le ka baka la dibe tseo a ileng a di etsa, ka ho etsa bobe mahlong a Morena, ka ho tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, le ka ho etsa sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona.


Ha ho le ya mong ya kileng a ineella ho etsa bobe jwaloka Akabe. O ne a kgothaletswa ke Jesabele, mosadi wa hae.


Jehu a kgobokanya setjhaba sohle, mme a re ho sona: “Akabe o ile a sebeletsa Baale hanyenyane, empa Jehu yena o tla sebeletsa Baale haholo.


Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”


Ha Jehu a se a kene, a fihla a ja, a nwa, a nto re: “Tsamayang, le yo nka mosadi eno ya rohakehileng, le mo epele, hobane ke moradi wa kgosi!”


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos