2 Dikronike 1:2 - BIBELE2 Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona. Ver Capítulo |
Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi.
Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.