Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 4:15 - BIBELE

15 Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau o atileng ka ba bangata ba nang le teboho e ngatafale, e be tlotliso ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau o atileng ka ba bangata ba nang le teboho e ngatafale, e be tlotliso ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 4:15
21 Referencias Cruzadas  

Nyehella Modimo ka sehlabelo sa teboho, phetha dikano tsa hao ho Ya Hodimodimo.


Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”


Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.


Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.


ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.


Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.


Tsa tlotlisa Modimo ka baka la ka.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.


Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios