Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 12:10 - BIBELE

10 Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 12:10
29 Referencias Cruzadas  

“Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.


Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello,


Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.


empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.


Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.


Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.


ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.


Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,


O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos