Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 1:15 - BIBELE

15 Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme ha ke ne ke ntse ke tshepa jwalo, ke ne ke ratile ho tla ho lona pele, le tle le newe molemo wa bobedi,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ka tshepo eo ke ne ke rata ho tla ho lona pele, le tle le be le lehlohonolo la bobedi;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ka tshepo eo ke ne ke rata ho tla ho lona pele, le tle le be le lehlohonolo la bobedi;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 1:15
9 Referencias Cruzadas  

Erekaha Josefa, mohatsa Maria, a ne a lokile, mme a sa rate ho mo hobosa, a rera ho mo hlala ka lekunutu.


Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.


Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.


Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.


Ha ke lakatse ho le fapohela feela ke feta, hobane ke ikemiseditse ho dula le lona nako e itseng, ha Morena a rata.


Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,


Bonang, lena ke kgetlo la boraro leo ka lona ke itokisetsang ho tla ho lona, mme ha ke na ho le kgoka, hobane ha ke batle tsa lona, ke batla lona. Hase bana ba fepang batswadi, ke batswadi ba fepang bana.


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos