Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 3:14 - BIBELE

14 Ke o ngolla tsena ke ntse ke tshepile ho tla ho wena haufi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke o ngolla taba tseo, leha ke tshepile hobane ke tla phakisa ke tle ho wena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Tsena ke o ngolla tsona, ke tshepile ho tla ho wena haufinyane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Tsena ke o ngolla tsona, ke tshepile ho tla ho wena haufinyane.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:14
11 Referencias Cruzadas  

Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.


Ke ka lebaka leo re neng re rata ho le etela. Ka makgetlo, nna Paulosi ka sebele, ke ile ka leka ho tla, empa Satane a re thibela.


Ba sebeleditseng kereke hantle ba tla iphumanela ditulo tse hlomphehang, mme ba bolele tsa tumelo ho Jesu Kreste ka sebete.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.


Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.


Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela.


Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.


feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos