Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 9:24 - BIBELE

24 Moapehi a nka sephaka, le tsohle tse tsamayang le sona, a se bea kapele ho Saule. Samuele a re: “Bona, setho ke sena seo o se boloketsweng. Se bee kapele ho wena, o je, hobane ho tloha ha ke ne ke re ke memile batho, haesale ke o bolokela sona hore o be o fihle.” Ka letsatsi leo Saule a ja le Samuele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Moapehi a lata letsoho le se leng ho lona, a le bea pela Saule, mme Samuele a re: Bona, ke hona ho neng ho bolokilwe; ho bee pela hao, o je; hobane ho bo ho ntse ho boloketswe wena le jwale, haesale ke re, ke tla mema setjhaba. Yaba Saule ba ja le Samuele tsatsing leo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:24
6 Referencias Cruzadas  

“O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.


“O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.


Pheha nama ka yona, o phehe nama e nonneng, nama ya serope le ya sephaka, o phehe le mashwetla a yona;


Nama ya matsibolo ana e tla ba ya hao, jwalokaha sefuba sa nyehelo e akgotswang, le jwalokaha serope sa yona sa letsoho le letona e le tsa hao.


Samuele a re ho moapehi: “Tlisa setho seo ke ileng ka o nea sona, ka re o se bee kathoko.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos