Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 31:9 - BIBELE

9 Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa seaparo sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita, ho phatlalatsa taba ena ka ditempeleng tsa medimo ya bona ya bohata, le hara setjhaba sohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa le dihlomo tsa hae, mme ba romela kahohle naheng ya Bafilesta, ho tsebisa ditaba tseo matlung a medimo ya bona le hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 31:9
7 Referencias Cruzadas  

“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.


Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae.


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos