Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 30:23 - BIBELE

23 Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Davida a mpa a re: Banabeso le se ke la etsa jwalo ka seo Jehova a re fileng sona, e le yena ya re bolokileng, ya neetseng matsohong a rona letshwele lela le neng le re futuhetse.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:23
16 Referencias Cruzadas  

mme a re: “Ke a le rapela, bana beso; se keng la etsa bokgopo bo tjena.


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


“Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang boikarabello ba ka ho lona.”


Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;


Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.”


Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: ‘Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.’


Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno.


Monna eo, e leng monga ntlo, a tswela ho bona kantle, a re: “Wee, bana beso, ke a le rapela! Se keng la etsa bokgopo! Monna enwa ke moeti wa ka! Se keng la etsa ketso ena e hlabisang dihlong!


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”


Ke mang ya ka le mamelang tabeng ee? Jwalokaha ya neng a ile ntweng a ena le seabo, le ya neng a setse a lebetse thoto le yena o na le seabo. Ba tla arolelana ka ho tshwana.”


Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos