Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 30:22 - BIBELE

22 Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa batho ba babe le ba Beliale bohle ba tsamayang le Davida ba bua, ba re: Ka baka la hobane bao ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa seo re se hlakodisitseng sa rona, haese hore feela e mong le e mong a nke mosadi wa hae le bana ba hae, ba ye le bona, ba itsamaele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:22
10 Referencias Cruzadas  

Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: ‘Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi!’ Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.”


Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.


Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.”


‘Ditlokotsebe tse ding di tswile hara lona, di kgelositse baahi ba motse wa habo tsona, di re: A re yeng, re yo sebeletsa medimo e meng, eo le sa kang la e tseba,’


Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.


Jwale Davida a fihla ho banna ba makgolo a mabedi, ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho mo latela, mme ba sala molatswaneng wa Besore. Banna bao ba ya kgahlanyetsa Davida le batho bao a neng a ena le bona. Ha Davida a atamela pela banna bao a ba dumedisa.


Empa Davida a re: “Bana beso, le ke ke la etsa jwalo ka seo Morena a re neileng sona. O re sireleditse, mme sehlopha se neng se tlilo re lwantsha a neelana ka sona matsohong a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios