Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 28:19 - BIBELE

19 Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 28:19
12 Referencias Cruzadas  

Morena a botsa, a re: ‘Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?’ E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo.


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ana, a re fatshe sihla! yaba o a shwa. Bohle ba utlwileng ba tlelwa ke tshabo.


Empa haeba le tla nne le etse bokgopo, lona, le kgosi ya lona, le tla timela.”


Hang ha Saule a utlwa mantswe a Samuele a tjapalla fatshe a tshohile haholo, a feletswe ke matla, hobane o ne a qetile letsheare lohle le bosiu bohle a sa je.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios