Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 25:11 - BIBELE

11 Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hleka ke tla nka bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, hore ke e nee banna bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 25:11
16 Referencias Cruzadas  

eba ke itjeletse thathana ke le inotshi, kgutsana ka e jela tjelamahlong,


re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: ‘Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.’


E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.


Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: ‘Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?’ ”


Empa mahosana a Sukote a re: “Na o se o tshwere Seba le Salemuna, hoo re ka fang bahlabani ba hao bohobe?”


Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.


Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: ‘Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,’ empa nna nke ke ka o isa letsoho.


Yaba bahlankana ba Davida ba kgutlela hae, ba fihla ba mmolella tsohle tseo Nabale a di buileng.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


“ ‘Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos