Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 23:23 - BIBELE

23 Ka baka leo, hlokomelang, le tsebe diforo tsohle tseo a ipatang ho tsona, ebe le ntsebisa seo e leng nnete, mme ke tla ya le lona. Haeba a ntse a le naheng eo, ke tla mmatla hara setjhaba sohle sa Juda.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:23
14 Referencias Cruzadas  

Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.”


O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng,


Maoto a bona a titimela bobeng, a potlakela ho ya tsholla madi.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Ha areka e bewa fatshe, Moshe o ne a ye a re: “Oho, Morena, kgutla, kgutlela ho ba dikete tsa diketekete ba Iseraele!”


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Ke a le rapela he: Tsamayang, le yo batlisisa, le tsebe, le be le bone seforo sa hae. Le tsebe le hore na ke mang ya mmoneng moo, hobane ke boleletswe hore ke ramaqiti.


Basife bao ba tsamaya, ba kgutlela Sife, ba etella Saule pele. Davida le banna ba hae ba ne ba le lehwatateng la Maone, phuleng e ka borwa ho lehwatata.


Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos