Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 23:13 - BIBELE

13 Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:13
7 Referencias Cruzadas  

Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”


O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho;


Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka.


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos