Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 22:17 - BIBELE

17 Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, morena a re ho dititimi tse emeng pela hae: Emang, le bolaye baprista ba Jehova, hobane ba emetse Davida; hape ba tsebile ha a baleha, mme ha ba ka ba ntsebisa. Empa bahlanka ba morena ba hana ho isa matsoho ho bolaya baprista ba Jehova.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:17
15 Referencias Cruzadas  

Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele.


Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.


Sebakeng sa tsona kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela manyako wa ntlo ya kgosi.


Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi.


Hanghang hoba Jehu a qete ho etsa nyehelo ya setjheso, a re ho balebedi le ho balaodi: “Kenang, le ba bolaye! Ho se be le ya mong ya ka tswang!” Ba ba bolaya ka disabole. Balebedi le balaodi ba ba lahlela kantle, ba nto kena kaharehare ho tempele ya Baale.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.


Bona, matsatsi a a tla ao ka wona ke tla kgaola letsoho la hao, le letsoho la ntlo ya ntatao, hoo ho ke keng ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao.


Saule a betsa Jonathane ka lerumo, a re o a mo hlaba. Jwale Jonathane a tseba hore ntatae o tiile, o batla ho bolaya Davida.


Saule a re ho yena: “Ke ka baka lang ha wena le mora wa Jese, le ile la nthera? O ile wa mo fa dijo, wa mo nea le sabole; wa ba wa mmotsetsa ho Modimo, hore na a etse jwang, a tle a ntsohele matla, a ntalle jwalokaha kajeno a entse!”


Kgosi ya re: “Ruri wena, Ahimeleke, le ba lelapa la ntatao, le tla bolawa!”


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos