Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 20:30 - BIBELE

30 Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:30
14 Referencias Cruzadas  

Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Motho ya halefang haholo o tla otlwa, ha o mo pholosa o tla boela o pheta hape.


Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.


Motho ya hlolwang ho bipa kgalefo ya hae o tshwana le motse o marako a heleditsweng.


Lejwe le boima, le lona lehlabathe, ho halefiswa ke sethoto ho boima ho di feta.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.


Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.


a re: ‘Ke a o rapela: Ako ntumelle ke tsamaye, hobane lelapa leso le tla etsa sehlabelo motseng, heso, mme moholwane o ntaetse hore ke be teng. Jwale haeba o fela o nthata, ke a o rapela: Ntumelle ke tsamaye, ke yo bona bana beso.’ Ke ka lebaka lena Davida a sa tlang dijong tsa kgosi.”


Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos