Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 20:26 - BIBELE

26 Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:26
11 Referencias Cruzadas  

“ ‘Tsena di tla le silafatsa, mme mang kapa mang ya amang dififi tsa tsona o tla silafala ho fihlela ka phirimana.


Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya jang nama ya phoofolo e shweleng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimama. Ya tlosang sefifi sa yona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.


Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos