Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 20:13 - BIBELE

13 Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:13
22 Referencias Cruzadas  

Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”


Feela nke ke ka kgaotsa ho mo hauhela, jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho hauhela Saule, eo ke ileng ka mo hleka tseleng ya hao.


Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”


Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”


Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


“Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.


Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Moo o tla shwela teng ke tla shwela teng, mme ke tla epelwa hona teng. Morena a nkahlole ka ho fetisa ha re ka arohanngwa ke ho hong, haese ke lefu.”


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”


Saule o ne a tshaba Davida, kahobane Morena o ne a ena le Davida, a furaletse Saule.


Nna ke tla tswa le ntate, ke eme pela hae ha a le naheng, moo o tla be o ipatile teng, ebe ke bua ka wena ho yena. Ke tla o bolella seo ke tla se utlwa.”


Jonathane a boela a re ho Davida: “Morena Modimo wa Iseraele, e be paki! Hosasane, ka yona nako ena, kapa ka letsatsi la boraro, ke tla botsa ntate. Haeba a o hopoletse tse molemo, ke tla o tsebisa.


Ha ke ntse ke phela, o mpontshe lerato la Morena, empa haeba ke eshwa,


Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”


Eli a re: “Morena o itseng ho wena? Ke a o rapela: O se ke wa mpatela. Haeba o ka mpatela lentswe lefe kapa lefe la mantswe wohle ao o a boleletsweng, Modimo a o etse jwalo, le ho feta moo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos