Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 19:13 - BIBELE

13 Jwale Mikale a nka modingwana wa lelapa, a o robatsa diphateng, a o samela mosamo wa boya ba dipodi, a o apesa kobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:13
6 Referencias Cruzadas  

Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


Monna enwa, Mmika, o ne a ena le ntlo eo a e hahetseng medimo. A etsa setipe, le modingwana wa lelapa, mme a hlomamisa e mong wa bara ba hae hore e be moprista.


Jwale banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha ya Laishe, ba re ho bana babo bona: “Na le a tseba hore kahara matlo aa, ho na le setipe le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng? Ka baka leo, imamelleng hore na le tla etsa jwang.”


Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.


Eitse ha maqosa a kena ka ha Davida, a fumana modingwana wa lelapa o sametsweng mosamo wa boya ba dipodi, o robaditswe diphateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos