Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 18:21 - BIBELE

21 Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 mme Saule a re: Ke tla mo nea yena, e be sefi ho yena, mme matsoho a Bafilesta a be ho yena: Ebile Saule o re ho Davida: O tla ba mokgwenyana wa ka kajeno ka e mong wa baradi ba ka ba babedi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:21
11 Referencias Cruzadas  

Metswalle le balekane ba ka ba emeletse thoko le bohloko ba ka, baheso ba emeletse hole le nna.


Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”


Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena.


“Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.


Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: ‘Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi.’ ”


Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena, mme Davida a thabela hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Pele ho letsatsi la lenyalo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos