Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 17:40 - BIBELE

40 A nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi ka nokaneng, a a kenya ka pataneng ya hae, e leng kotla ya hae, letjeketjane le le ka letsohong la hae, a nto atamela ho Mofilesita.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 a nka molamu wa hae, a ya molapong, a ithonakela majwe a mahlano a boreledi, a a kenya pataneng ya hae, eo a nang le yona, le mokotlaneng wa hae; a atamela Mofilesta, a tshwere letjeketjane la hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:40
8 Referencias Cruzadas  

Maetong a lona le se ke la nka thoto, leha e le seaparo sa bobedi, kapa meqathatso, kapa lere. Ya sebetsang o lokelwa ke dijo tsa hae.


Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Davida a tlamella sabole ya Saule hodima seaparo sa hae. A leka ho tsamaya, empa a hloleha, hobane o ne a sa tlwaela diaparo tsena. Davida a re ho Saule: “Ke sitwa ho tsamaya ka diaparo tsena, hobane ha ke a di tlwaela.” Yaba Davida o a di hlobola.


Mofilesita a nna a atamela ho Davida, mojari wa thebe ya hae a mo eteletse pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos