Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 17:36 - BIBELE

36 Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:36
25 Referencias Cruzadas  

Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.”


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: ‘Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’


“ ‘Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria?


O tla bolawa ke baditjhaba, o shwe lefu la maqai, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Ere ho tsona: “ ‘Eo le mo fetang ka botjaka ke mang? Theohelang, le yo rapalla hara maqai!’


O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Mofilesita eo a boela a re: “Kajeno ke phephetsa mabotho a Baiseraele. Mpheng monna, re tlo lwana!”


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


ke ye ke e lelekise, ke e otle, ke pholose konyana e molomong wa yona. Ha tau eo, kapa bere eo, e ntwantsha, ke ye ke e tshware ka ditlena, ke e kgakgathe, ke e bolaye.


Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos