Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 14:47 - BIBELE

47 Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:47
17 Referencias Cruzadas  

E moholo a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Moabe. Ke yena ntata ba bitswang Bamoabe le kajeno.


E monyenyane le yena a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Bene-Ami. Ke yena ntata ba bitswang Baamone le kajeno.


Lena ke leloko la Esau, e leng Edomo.


Bana ke bara ba Esau, eo e leng Edomo, mme ana ke mahosana a bona.


Yaba Esau o aha dithabeng tsa Seire. Esau ke Edomo.


Metsu ya Jonathane e ne e nepa, sabole ya Saule e sa kgutle e benya, di enwa madi a babolauwa, di tlola mafura a bahlabani.


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba.


Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.


Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.


Saule o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho busa Iseraele. E bile kgosi ya Iseraele ka dilemo tse pedi.


Saule a kgaotsa ho phaladisa Bafilesita, mme Bafilesita ba ikela ha habo bona.


Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.


Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos