Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 14:40 - BIBELE

40 Yaba Saule o re ho Baiseraele bohle: “Emang ka lehlakoreng le leng! Rona, le mora wa ka Jonathane, re tla ema ka ho le leng!” Setjhaba sa re ho Saule: “Etsa seo wena o bonang se lokile.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:40
6 Referencias Cruzadas  

Bahlanka ba kgosi ba re ho kgosi: “Bahlanka ba hao ba itokiseditse ho phetha tsohle tseo kgosi e tla ba laela tsona.”


Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.


Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.” Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.” Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.”


Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba.


Saule a re ho Morena Modimo wa Iseraele: “Ke hobaneng, kajeno, o sa kang wa araba mohlanka wa hao? Haeba ke nna ya phoso, kapa ke mora wa ka Jonathane, oho, Morena Modimo wa Iseraele, ahlola ka lejwe la Urime; athe haeba ke setjhaba sa Iseraele se phoso, teng o ahlole ka lejwe la Thumime.” Lotho la supa Jonathane le Saule, mme setjhaba sa lokoloha.


Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios